Thepa ea ntlo e jeoa mataeseng

KABELO MASOABI
MAPUTSOE – Lelapa la monna ea bitsoang Taneso oa Likotjaneng le qhalane kamor’a hore a jese thepa ea ntlo papaling ea mataese ka nako ea likhoeli tse tharo.
Monna enoa ea sebetsang e le mothosi oa moqhobi koloing ea tekesi ea baeti ho utloahala mosali a mo ngalile bekeng ena ho ba a fumane ntlo ea bona e le lehaha, ho se thepa eo esale a e bokella.
“Ke sebetsa malapeng a batho ntate koana Khauteng ‘me ke ne ke qetetse ho tla hae ka Keresemese e tsoa feta ha ke tla tla hona joale. Ke maketse le ho hlolloa ha ke fumana thepa eo ke e sebellelitseng ka thata e le sieo katlung monna a mpolella hore e jeloe mataeseng,” ho hlalosa monga ntlo oa mosali ea sa kang a rata ha mabitso a hae a ka boleloa.
Thepa e jeloeng e akha lisofa, otoropo, bethe, moqomo oa khase le setofo ‘me tsona li jeloe ke batho ba bapalang mataese le Taneso. Mataese a hlalosoa a bapaloa hona ka ha monna enoa ha shoalane e ts’oara, kaha mapolesa a ba phalalisa ha ba a bapalla kantle moo ba bonoang.
H’a itlhalosa Taneso o itse, “Ke qetelletse ke lumella metsoalle ho bapalla mataese Katlung ke ba qobisa ho shapuoa ke mapolesa ‘me ha ke felloa ke chelete ea ho becha ke ne ke beha paneng thepa ea ntlo ka bonngoe. Bothata ba papali ena ke hore e nkene maling ebile joale ha u jeloe o ke ke oa tseka ka ha ho bolaeanoa ka lithipa.”
Papali ea mataese e tloaelehile haholo tikolohong ea Maputsoe hoo batho ba bang ba e fetotseng tsela ea boipheliso le ha sepolesa se le khahlanong le eona ka lebaka la litlolo tsa molao tse tlisoang ke eona, haholo mafu a ho hlajoa ka thipa.