Litho tsa sesole ntloana-tšoana ka polao ea le-China

0

TEBOHO KHATEBE MOLEFI

MASERU – Litho tse peli tsa Sesole sa Lesotho (LDF) li ntse li panya-panya ntloana-tšoana kamor’a ho qhautsoa ke sepolesa ka pelaello ea ho nkha lefotha polaong e sehloho ea mohoebi oa le-China seterekeng sa Mafeteng ka la 15 Mphalane.

Ho ea ka litlaleho phatlalatsong ea Ofisi ea Likamano le Sechaba ea LDF, ka mor’a polao ena sepolesa se ile sa kenya nko fatše ho fofonela ba ka bang le letsuka ketsahalong ena ‘me mohlala o ile oa se lebisa metebong ea sesole.

Ke moo ho ileng ha utoloha hore litho tsena tsa lebotho la naha li na le motšoetšoe o li amahanyang le polao ea le-China lena, ‘me tsa nkoa ka phutho ea metse hang-hang.

Sepolesa sa Lesotho se ile sa tlalehela bolaoli ba sesole litaba tsena tse bosula, moo hang bolaoli bo ileng ba laola Sepolesa Sesole (MP) ho qhautsa babelaelloa le ho ba nehelana matsohong a ba batseka, ho itsatso phatlalatso ea Sesole sa Lesotho.

“Bolaoli ho itlama ho sebetsa ‘moho le sepolesa ka litsela le mekhoa eohle liphuputsong tseo se keneng har’a tsona polaong ena e malimabe,” ho rialo sesole.

Bolaoli bo boetse bo supa ha bo tla netefatsa hore bohle ba tla amahangoa le ketso ena ba tla nkeloa likhato tsa molao tseo ba tla li arabela makhotleng a molao.

Ha bo tabanya kuoane fatše ho bontša tšoabo ka litaba tsena tse amang banna ba bolaoling ba bona, bolaoli ba Sesole sa Lesotho bo boetse ba kopa sechaba, haholo bahoebi ba ka har’a naha ba ma-China ekasitana le basebeletsi ba bona ho khoba matšoafo, ba supa hore “Sesole sa Lesotho e sa ntse ele tšepo ea sechaba, ‘me se malala-a-laotsoe ho phethahatsa thomo ea sona ea ho sireletsa bophelo le thepa ea sona sechaba ka linako tsohle ho latela thomo ea sona ea molao oa motheo.”

Sesole sa Lesotho se tšoela ka sehlethela sa mathe polao ena, ekasitana le tse ling tse tšoanang le eona, ‘me se ipiletsa ho sechaba sohle sa Basotho se ratang khotso ho thetsanya mahetla le mabotho a tšireletso toantšong ea litlolo tsa molao ka har’a naha.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *