O iphanyeha ke botaoa

KABELO MASOABI
LERIBE – Sechaba sa Kholokoe, Tsikoane se sa makalletse lefu la monna-moholo eo pelaelo eleng hore o ile a iphanyeha kamor’a hore a qabane le mohatsa’e ba tseka chelete.
Setopo sa mofu se fumanoe se leketlile ka molala sefateng lapeng ha hae bekeng e fetileng.
Tlaleho ea mapomela ea sepolesa e hlalosa ha mofu a fumanoe mesong ea letsatsi leo ke setloholo sa hae nakong eo se neng se itokisetsa ho ea sekolong.
Pelaelo ke hore mofu o fihletse qeto ea ho nka bophelo ba hae kamor’a ho qabana le mohatsa’e bosiung bo selang letsatsi la sebonoang.
Ho utloahala ha monna-moholo a ile a nyamelloa ke chelete ea mokholo eo a hlokometseng hore ha e sa le eo lipokothong tsa hae kamor’a hore a phoke leting ntlong a mothamahane e haufi le lapeng ha hae.
Taba ea chelete e nyametseng ha e kaba ea lula mohats’a mofu hamonate hoo ho utloahalang a komotetse monna ka nako e telele, a mo qosa ka booatla ba ho ea joaleng ka chelete eohle ea lelapa.
Ke moo har’a bosiu ho belaeloang mofu o ile a tsoela kantle ho ntlo, ’me khopolo ea ba phela le eena e ne e le hore o ne a il’o nts’a metsi athe keha ba mo bona la ho qetela a phela.